19. Ruri hoba ke kgeloheke ile ka ikwahlaya,yare hoba ke rutweka kebisa hlooho ke ho swaba.Ka hlajwa ke dihlong,pelo ya ka ya nyahama,ka inyatsetsa dibetsa botjha ba ka.>
20. Na ebe Efraime ke mora kaeo ke mo ratang?Na ebe ke yena ngwana kaya nkgahlang?Leha ke ye ke mo nyatse,ke ntse ke mo hopola,pelo ya ka e mo hlolohelwa haholo,ke mo utlwela bohloko haholo,”ho rialo Morena.
21. “Iketsetseng matshwao a tsela,le itlhomele mekolokotwane,le hlokomele mmilaoo le tsamayang ho wona.Kgutla, wena morwetsana, Iseraele,kgutlela metseng eo e leng ya heno.
22. O tla phaila ho le hokae,wena moradi ya hlokang botshepehi?Morena o etseditse lefatshentho e ntjha:Mosadi o tla sireletsa monna!”
23. Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: “Ha ke se ke kgutlisitse setjhaba sena bothopuweng, baahi ba Juda le ba metsana ya yona ba tla boela ba bua tjena:“ <Morena a o hlohonolofatse,wena leaho la toka,wena o leng thaba e halalelang.>
24. “ Naheng ya Juda le metseng yohle ya yona ho tla aha balemi le badisana ba mehlape.
25. Ba kgathetseng ke tla ba kgatholla, ba lapileng ke tla ba fepa.”