15. Morena o bua tjena:“Mohoo o utlwahetse Rama,seboko le sello sa mmokotsane;Ragele o llela bana ba hae,Ragele o hana ho tshediseha,hobane bana ba haeha ba sa le yo.”
16. Morena o bua tjena:“Kgaotsa ho lla,o hlakole meokgo mahlong,hoba mosebetsi wa haoo tla fumana moputso,”ho rialo Morena.“Ba tla boela ba kgutlakwana naheng ya dira.
17. Tshepo ya horeo tla ba le ditloholo e teng,bana ba hao ba tla kgutlelanaheng ya habo bona,”ho rialo Morena.
18. “Ruri ke utlwileEfraime a itelela, a re:<Wena o ile wa nkotla,wa nkotla sa pohwana,pohwana ya lethapisana;nkgutlise ke hona,mme ke tla kgutla,hobane wena o Morena,Modimo wa ka.
19. Ruri hoba ke kgeloheke ile ka ikwahlaya,yare hoba ke rutweka kebisa hlooho ke ho swaba.Ka hlajwa ke dihlong,pelo ya ka ya nyahama,ka inyatsetsa dibetsa botjha ba ka.>
20. Na ebe Efraime ke mora kaeo ke mo ratang?Na ebe ke yena ngwana kaya nkgahlang?Leha ke ye ke mo nyatse,ke ntse ke mo hopola,pelo ya ka e mo hlolohelwa haholo,ke mo utlwela bohloko haholo,”ho rialo Morena.
21. “Iketsetseng matshwao a tsela,le itlhomele mekolokotwane,le hlokomele mmilaoo le tsamayang ho wona.Kgutla, wena morwetsana, Iseraele,kgutlela metseng eo e leng ya heno.