1. “Ka nako eo ke tla ba Modimo, Modimo wa merabe yohle, merabe ya Iseraele, yona e be setjhaba sa ka,” ho rialo Morena.
2. Morena o bua tjena:“Setjhaba se ilengsa phonyoha sabolese ile sa fumana mohau,sa o fumana lehwatateng,ha ke ne ke eyaho phomotsa Iseraele.”
3. Morena a na iponahatsa ho nna,a iponahatsa ho nnamehleng ya kgale, a re:“Ke o ratile ka leratola mehla yohle,ka o atametsa ho nnaka kutlwelobohloko.
4. Ke tla boela ke tsosadithako tsa hao,mme o tla tsohawena morwetsana, Jerusalema.O tla boela o kgabaka meropa ya hao,o kene motjekongwa ba tjekang ba thabile.
5. Thabeng tsa Samariao tla boela o lema morara,balemi ba o leme,ba je tholwana tsa wona.
6. Tsatsi le a tla la horebalebedi ba hlabe mokgosi,ba o hlabeba le thabeng ya Efraime,ba re: <Emang lona,re nyoloheleng Sione,re nyoloheleng ho Morena,Morena Modimo wa rona.> ”
7. Morena o bua tjena:“Binelang Jokobo ka thabo,le mminele,binelang tjhaba se seholohara ditjhaba.Utlwahatsang dithoko tsa lona,le re: <Oho, Morena,namolela setjhaba sa hao,masalla a tjhaba sa hao,tjhaba sa Iseraele.>
8. Ke tla a tlisaa etswa naheng e ka leboya,ke a phutheho tloha pheletsong tsa lefatshe,ke phuthe difofuke be ke phuthe dihlotsa,le basadi ba baimanaba kgatheng la ho beleha,ba kgutlele kwanoe le letshwelehadi.
9. Ba tla kgutlaba itshela ka dikgapha,ke ba etelle pele,bona ba ntse ba rapela.Ke tla ba tsamaisapela melatswana e phallang,tseleng e bataletseng,moo ba ke keng ba kgoptjwa,hobane nna ke ntata Iseraele,Efraime ke mora wa ka,mora wa matsibolo.
10. “Lona ditjhaba,utlwang lentswe la Morena,le le phatlalatseho ya fihla mabopong a hole,le re:<Ya qhalantseng Baiseraeleo tla boela a ba phutha,a ba alose sa modisaa alositse mohlape.>
11. Morena o pholositsebana ba Jakobo,a ba lopolla matsohonga ba matla ho ba feta.
12. Ba tla tla ba bineba le hodima Sione,ba thabele bongataba dimpho tsa Morena,e leng koro le veine le ole,le dikonyana, le dipotsanyanele manamane.Ba tla tshwana le serapase nwesetswang hantle,ba ke ke ba hlolaba eba le mahlomola.
13. Barwetsana ba tla etsa motjeko,ba nyakalle,ba nyakalle ba ena le bahlankanale wona maqheku.Bofifi ba bonabo tla fetoha e be thabo,ke ba tshedise,maswabi a bona e be nyakallo.
14. Baprista ke tla ba fepa,ke ba fepe ka tse manoni,tjhaba sa ka se atelweke dimpho tsa ka tse ngata,”ho rialo Morena.