15. O llisetswangke matshwenyeho a hao?Bohloko ba haoke bo sa phekoleheng!Ka baka la bongataba makgopo a hao,le ka baka la bongataba dibe tsa hao,tsena ke entse hore di o hlahele.
16. Bohle ba o timetsangle bona ba tla timetswa,dira tsa hao tsohledi tla thopuwa.Ba o hanyapetsangba tla hanyapetswa,ba o hapelangle bona ba tla hapelwa.
17. Ke tla o phekola,ke fodise maqeba a hao,”ho rialo Morena,“hoba ba ile ba o bitsa Molahluwa,ba re: Ena ke Sionee sa natsweng ke motho.”
18. Morena o bua tjena:“Ke tla kgutlisa tjhaba sa ka,Ke se kgutlisetse naheng ya sona,lelapa ka leng ke le hauhele,Masupi a Jerusalema a tla tsoswa,le yona ntlo ya bokgosie be e tsoswe.
19. Baahi ba yonaba tla bina dithoko,mehoo ya thabole yona e utlwahale.Palo ya bona ke tla e eketsa,mme ha ba ka ke ba fokotseha.Ke tla be ke ba tlisetse tlotla,ba ke ke ba hlola ba nyediseha.
20. Bana ba bona ba tla tshwanale mehleng ya kgale,tjhaba sa bona se tsitseke ntse ke se bona;bahatelli ba bona bohleke tla ba otla.
21. Kgosi ya bonae tla hlaha hara bona,kgosana ya bonae be e mong wa bona;ke tla e atametsa,e be haufi le nna.Ya tla ba le sebetesa ho nkatamela ke mang?”ho rialo Morena.
22. “Lona le tla ba setjhaba sa kanna ke be Modimo wa lona.”
23. Setsokotsane sa Morenase ferella se halefile,ke tsokotsane se puputlangse sa kgaotse;se tla theohelahodima hlooho tsa ba kgopo.
24. Kgalefo e tlokomang ya Morenaha e na ho kgaotsaho fihlela Morenaa phethile morero wa hae;mehleng e tlangle tla ultwisisa tsena hantle.