12. Morena o bua tjena:“Maqeba a hao ke a sa foleng,kotsi tsa hao ke tse sa phekoleheng.
13. Ha ho ya o buellang nyeweng,diso tsa hao ha di na pheko,ha ho na tshepo ya hore o tla fola.
14. Bohle ba o ratang ba o lebetse,ha ba sa re letho ka wena;ke o otlile sa sera se o otla,ka o tuba sa ya sehloho a o tuba,ka baka la bongataba makgopo a hao,hoba dibe tsa haodi ile tsa eketseha.
15. O llisetswangke matshwenyeho a hao?Bohloko ba haoke bo sa phekoleheng!Ka baka la bongataba makgopo a hao,le ka baka la bongataba dibe tsa hao,tsena ke entse hore di o hlahele.
16. Bohle ba o timetsangle bona ba tla timetswa,dira tsa hao tsohledi tla thopuwa.Ba o hanyapetsangba tla hanyapetswa,ba o hapelangle bona ba tla hapelwa.
17. Ke tla o phekola,ke fodise maqeba a hao,”ho rialo Morena,“hoba ba ile ba o bitsa Molahluwa,ba re: Ena ke Sionee sa natsweng ke motho.”
18. Morena o bua tjena:“Ke tla kgutlisa tjhaba sa ka,Ke se kgutlisetse naheng ya sona,lelapa ka leng ke le hauhele,Masupi a Jerusalema a tla tsoswa,le yona ntlo ya bokgosie be e tsoswe.