10. “Ka baka leo, se tshabe letho,wena mohlanka wa ka Jakobo,”ho rialo Morena.“Se tsielehe, wena Iseraele,ke tla o pholosao le bakeng se hole,ke lopolle tloholo tsa haonaheng ya bothopuwa;tjhaba sa ka se tla kgutla,se phele ka kgotso,se phele ka boiketlo,ho se ya se tshosang.
11. Ke na le wena, ke tla o pholosa,”ho rialo Morena.“Le hoja ka tla timetsaditjhaba tsohle,tjhaba tseo le tletsatletsenghara tsona,wena ha nka ke ka o timeletsa ruri.Leha ke o kgalemelae tla ba ka toka,nke ke ka o tlohela ke sa o otla.”
12. Morena o bua tjena:“Maqeba a hao ke a sa foleng,kotsi tsa hao ke tse sa phekoleheng.
13. Ha ho ya o buellang nyeweng,diso tsa hao ha di na pheko,ha ho na tshepo ya hore o tla fola.