Jeremia 30:1-8 BIBELE (SSO89SO)

1. Lena ke lentswe la Morena le ileng la tla ho Jeremia, le re:

2. “Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: <Ngola mantswe wohle ao ke o boleletseng wona bukeng.>

3. Bonang, matsatsi a a tla, ho rialo Morena, ao ka wona setjhaba sa ka sa Iseraele le sa Juda se bothopuweng, ke tla se kgutlisetsa naheng eo ke neng ke e nee bo-ntata sona, hore e be ya bona,” ho rialo Morena.

4. Ana ke mantswe ao Morena a neng a a bue malebana le setjhaba sa Iseraele le sa Juda.

5. Morena o bua tjena:“Re utlwile sebokose bakwang ke tshabo,seboko sa tshabo e seng sa kgotso.

6. Inahaneng ke hona,le be le botse:Na monna a ka beleha ngwana?Ke hobaneng ha bannaba itshwere matheka,ba itshwere sa mosadi a kena tlung?Ke hobanengha fahleho tsohle di pudufetse?

7. Jo, tsatsi leo le leholo haholo!Ha ho na le ka tshwanang le lona:Ke tsatsi la tlokotsi ya tjhaba sa ka,empa tjhaba seose tla phonyoha ho yona.

8. “Ka tsatsi leo,ho rialo Morena mabotho,ke tla roba joko e molaleng wa sona,marapo a se tlammeng ke a kgaole,se se hlole se sebeletsa baditjhaba.

Jeremia 30