Jeremia 3:6-16 BIBELE (SSO89SO)

6. Mehleng ya puso ya kgosi Josiya, Morena a boela a re ho nna: “Na o bone kamoo Iseraele wa mokwenehi a entseng kateng? O hlweletse hodima maralla wohle a phahameng, a ya tlasa difate tsohle tse talana, a etsetsa bootswa hona moo.

7. Yare hoba a etse tsena tsohle ka re: <O tla kgutlela ho nna!> Empa ha a a ka a kgutla. Jwale kgaitsedi ya hae Juda, ya hlokang botshepehi, le yena a bona tsena.

8. Iseraele ya hlokang botshepehi ka mo hlala, ka ba ka mo nea lengolo la tlhalo, ka baka la tsohle tsa bokwenehi ba hae, le tsa bohlola boo a bo entseng, empa Juda, kgaitsedi ya Iseraele e hlokang botshepehi, ha a a ka a tshaba, yaba le yena o etsa bootswa.

9. Kahoo Iseraele o silafaditse naha ka bootswa ba hae bo se nang dihlong, a etsa bofebe ka ho kgumamela majwe le difate.

10. Empa leha tsena tsohle di etsahetse, Juda, kgaitsedi ya Iseraele e hlokang botshepehi, ha a a ka a kgutlela ho nna ka pelo ya hae yohle, o tlile ka mano feela,” ho rialo Morena.

11. Jwale Morena a re ho nna: “Iseraele wa mokwenehi o iponahaditse a lokile ho feta Juda ya hlokang botshepehi.

12. Eya, o yo phatlalatsa molaetsa ona ka leboya, o re:“Kgutla, wena Iseraelewa mokwenehi,”ho rialo Morena.“Ha nka ke ka hlolake o sosobanyetsa sefahleho,hobane ke mohau,”ho rialo Morena.“Ha ke na ho o halefelakamehla yohle.

13. Dumela feela molato wa hao,Hore o fetohetse Morena,Modimo wa hao,rato la hao,wa le hafela medimo esele,wa le hafao le tlasa difate di le talana;esita le nna ha o a ntlhompha,”ho rialo Morena.

14. Morena o re: “Kgutlelang ho nna, lona bana ba kwenehileng, hobane ke nna Morena wa lona. Ke tla nka motho a le mong motseng o mong le o mong, ke nke ba babedi morabeng o mong le o mong wa Iseraele, ebe ke le isa Sione.

15. Ke tla le nea babusi ba tla ntlhompha, ba tla le tsamaisa ka tsebo le ka kutlwisiso.”

16. Hape Morena o re: “Matsatsing ao, etlare ha le eketseha, le anafala naheng eo, ebe batho ha ba sa bua ka areka ya selekane sa Morena! Ha ba sa tla bua ka yona kapa ba e hopole, kapa ba e hlolohelwe, mme ba ke ke ba etsa e nngwe hape.

Jeremia 3