4. Ha ke re o qeta ho ipiletsa,o ipiletsa ho nna, o re:<Ntate, motswalle wa kaho tloha botjheng ba ka,
5. na o tla nkgalefela kamehla,disuwa tsa hao e be tsa mehla yohle?>Dintho tsena tsohle o di buile,wa etsa bokgopo bohleka boithatelo ba hao.”
6. Mehleng ya puso ya kgosi Josiya, Morena a boela a re ho nna: “Na o bone kamoo Iseraele wa mokwenehi a entseng kateng? O hlweletse hodima maralla wohle a phahameng, a ya tlasa difate tsohle tse talana, a etsetsa bootswa hona moo.
7. Yare hoba a etse tsena tsohle ka re: <O tla kgutlela ho nna!> Empa ha a a ka a kgutla. Jwale kgaitsedi ya hae Juda, ya hlokang botshepehi, le yena a bona tsena.
8. Iseraele ya hlokang botshepehi ka mo hlala, ka ba ka mo nea lengolo la tlhalo, ka baka la tsohle tsa bokwenehi ba hae, le tsa bohlola boo a bo entseng, empa Juda, kgaitsedi ya Iseraele e hlokang botshepehi, ha a a ka a tshaba, yaba le yena o etsa bootswa.
9. Kahoo Iseraele o silafaditse naha ka bootswa ba hae bo se nang dihlong, a etsa bofebe ka ho kgumamela majwe le difate.