2. “Phahamisa mahloo tadime maralleng;ke kae moo o sa kangwa etsa bootswa teng?O ila emela banna kathoko ho tsela,wa ba lalla sa Moarabia lehwatateng.O silafaditse naha ka bootswa ba hao,wa e silafatsa le ka bokgopo ba hao.
3. Kahoo mafafatsane a ile a thibelwa,pula ya hwetla le yonaya se ke ya na;empa wa tiisa phatla jwaloka seotswa,wa ngangella,dihlong tsa se ke tsa o hlaba.
4. Ha ke re o qeta ho ipiletsa,o ipiletsa ho nna, o re:<Ntate, motswalle wa kaho tloha botjheng ba ka,
5. na o tla nkgalefela kamehla,disuwa tsa hao e be tsa mehla yohle?>Dintho tsena tsohle o di buile,wa etsa bokgopo bohleka boithatelo ba hao.”
6. Mehleng ya puso ya kgosi Josiya, Morena a boela a re ho nna: “Na o bone kamoo Iseraele wa mokwenehi a entseng kateng? O hlweletse hodima maralla wohle a phahameng, a ya tlasa difate tsohle tse talana, a etsetsa bootswa hona moo.
7. Yare hoba a etse tsena tsohle ka re: <O tla kgutlela ho nna!> Empa ha a a ka a kgutla. Jwale kgaitsedi ya hae Juda, ya hlokang botshepehi, le yena a bona tsena.
8. Iseraele ya hlokang botshepehi ka mo hlala, ka ba ka mo nea lengolo la tlhalo, ka baka la tsohle tsa bokwenehi ba hae, le tsa bohlola boo a bo entseng, empa Juda, kgaitsedi ya Iseraele e hlokang botshepehi, ha a a ka a tshaba, yaba le yena o etsa bootswa.
9. Kahoo Iseraele o silafaditse naha ka bootswa ba hae bo se nang dihlong, a etsa bofebe ka ho kgumamela majwe le difate.
10. Empa leha tsena tsohle di etsahetse, Juda, kgaitsedi ya Iseraele e hlokang botshepehi, ha a a ka a kgutlela ho nna ka pelo ya hae yohle, o tlile ka mano feela,” ho rialo Morena.
11. Jwale Morena a re ho nna: “Iseraele wa mokwenehi o iponahaditse a lokile ho feta Juda ya hlokang botshepehi.
12. Eya, o yo phatlalatsa molaetsa ona ka leboya, o re:“Kgutla, wena Iseraelewa mokwenehi,”ho rialo Morena.“Ha nka ke ka hlolake o sosobanyetsa sefahleho,hobane ke mohau,”ho rialo Morena.“Ha ke na ho o halefelakamehla yohle.