Jeremia 3:15-24 BIBELE (SSO89SO)

15. Ke tla le nea babusi ba tla ntlhompha, ba tla le tsamaisa ka tsebo le ka kutlwisiso.”

16. Hape Morena o re: “Matsatsing ao, etlare ha le eketseha, le anafala naheng eo, ebe batho ha ba sa bua ka areka ya selekane sa Morena! Ha ba sa tla bua ka yona kapa ba e hopole, kapa ba e hlolohelwe, mme ba ke ke ba etsa e nngwe hape.

17. Ha nako eo e fihla, Jerusalema e tla bitswa terone ya Morena, ditjhaba tsohle di phuthehele Jerusalema ho ya kgumamela Morena. Tjhaba tseo di ke ke tsa hlola di etsa seo dipelo tsa sona tse manganga, tse kgopo, di lakatsang hore se etswe.

18. Ka nako eo, ba ntlo ya Juda ba tla kopana le ba ntlo ya Iseraele, ba falle mmoho naheng e ka leboya, ba fallele naheng eo ke e neileng bo-ntata lona moholo hore e be lefa la lona.”

19. Yaba Morena o re:“Ke ne ke tla thabelaho le etsa bana ba ka,ke le abele naha e kgahlehang,lefa le letleho feta mafa a tjhaba tsohle.Ka ba ka re:Lona le tla mpitsa Ntate,mme le ke ke la kgaotsa ho ntatela.

20. Empa jwaloka mosadiya hlokang botshepehi,a bo hloke a ba a tlohele monna,le lona ba ntlo ya Iseraelele ntlohetsele ntlhoketse botshepehi.”ho rialo Morena.

21. Lentswe le llangle utlwahetse hodima maralla,e le dithapelo tsa bana ba Iseraele,hoba ba kgelohile ditsela tsa bona,ba lebetse Morena,Modimo wa bona.

22. “Kgutlang lona bana ba bakwenehi!Bokwenehi boo ba lonake tla bo phekola!”“Bona, ke rona bana,re tla ho wena,hobane o Morena, Modimo wa rona.

23. Ho rapella hodima marallaha ho thuse letho,lereberebe le hodima dithabaha le thuse letho;ruri Morena, Modimo wa rona,ke yena Mopholosi wa Baiseraele.

24. Ho tloha botjheng ba ronabo-Baale ba jele,ba eja tse sebeditswengka thata ke bo-ntata rona:Mehlape ya dikgutshwanele mehlape ya dikgomo,bara ba bona le baradi ba bona.

Jeremia 3