12. Eya, o yo phatlalatsa molaetsa ona ka leboya, o re:“Kgutla, wena Iseraelewa mokwenehi,”ho rialo Morena.“Ha nka ke ka hlolake o sosobanyetsa sefahleho,hobane ke mohau,”ho rialo Morena.“Ha ke na ho o halefelakamehla yohle.
13. Dumela feela molato wa hao,Hore o fetohetse Morena,Modimo wa hao,rato la hao,wa le hafela medimo esele,wa le hafao le tlasa difate di le talana;esita le nna ha o a ntlhompha,”ho rialo Morena.
14. Morena o re: “Kgutlelang ho nna, lona bana ba kwenehileng, hobane ke nna Morena wa lona. Ke tla nka motho a le mong motseng o mong le o mong, ke nke ba babedi morabeng o mong le o mong wa Iseraele, ebe ke le isa Sione.
15. Ke tla le nea babusi ba tla ntlhompha, ba tla le tsamaisa ka tsebo le ka kutlwisiso.”
16. Hape Morena o re: “Matsatsing ao, etlare ha le eketseha, le anafala naheng eo, ebe batho ha ba sa bua ka areka ya selekane sa Morena! Ha ba sa tla bua ka yona kapa ba e hopole, kapa ba e hlolohelwe, mme ba ke ke ba etsa e nngwe hape.
17. Ha nako eo e fihla, Jerusalema e tla bitswa terone ya Morena, ditjhaba tsohle di phuthehele Jerusalema ho ya kgumamela Morena. Tjhaba tseo di ke ke tsa hlola di etsa seo dipelo tsa sona tse manganga, tse kgopo, di lakatsang hore se etswe.