Jeremia 29:10-22 BIBELE (SSO89SO)

10. “Morena o bua tjena: <Ha dilemo tse mashome a supileng tse baletsweng Babilona di fela, ke tla le hopola, ke phethahatse tshepiso ya ka ya ho le hauhela ke le kgutlisetsa sebakeng sena.

11. Ke tseba merero eo ke le reretseng yona,> ho rialo Morena, <merero e metle e seng e mebe, merero ya ho le nea tshepo le bophelo ba kamoso.

12. Ka nako eo le tla ipiletsa ho nna, le nthapele, mme nna ke tla le mamela.

13. Le tla mpatla, mme le mphumane, haeba le mpatla ka dipelo tsa lona tsohle.

14. Le tla mphumana,> ho rialo Morena, <mme ke tla le kgutlisa bothopuweng. Ke tla le phutha ditjhabeng tsohle le dinaheng tsohle tseo ke le leleketseng ho tsona,> ho rialo Morena, <ke le kgutlisetse sebakeng seo ke neng ke le nke ho sona, ka le isa bothopuweng.>

15. “Mohlomong le ka re: <Morena o re hlahiseditse baporofeta mona Babilona,>

16. empa Morena o bua tjena ka kgosi e dutseng teroneng ya Davida le ka setjhaba sohle se setseng motseng ona, e leng bang ka lona ba sa kang ba ya le lona bothopuweng,

17. e, Morena wa mabotho o bua tjena: <Ke tla ba bolaya ka sabole, le ka sekoboto, le ka lefu la sewa, ke etse hore ba tshwane le feiye e bodileng hoo e ke keng ya jewa.

18. Ke tla ba bolaya ka sabole, le ka sekoboto, le ka lefu la sewa, ke etse hore mebuso yohle ya lefatshe e ba nyonye, hore ba tle ba rohakwe, e be setsoto, le sekgobo, ba nyediswe ditjhabeng tseo ke ba leleketseng ho tsona.

19. Ke hobane ha ba a ka ba mamela mantswe a ka, ao ke nnileng ka ba romela wona ka makgetlokgetlo, ka bahlanka ba ka, e leng baporofeta. Empa le lona ha le a ka la mamela,> ho rialo Morena.

20. “Ka baka leo, lona bohle ba bothopuweng, bao ke ileng ka ba tlosa Jerusalema ka ba isa Babilona, mamelang mantswe a Morena.

21. Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena malebana le Akabe, mora wa Kolaya, le Sedekiya, mora wa Maasiya, ba le porofetelang leshano ka lebitso la Morena, o re: <Bonang, ke tla neelana ka bona matsohong a Nebukadenesare, kgosi ya Babilona; yena o tla ba bolaya moo le ntseng le bona.

22. Bathopuwa bohle ba tswang naheng ya Juda, ba isitsweng Babilona, ha ba rohaka motho, ba tla re: Morena a ke a le etse seo a neng a se etse Sedekiya le Akabe, bao kgosi ya Babilona e neng e ba tjhese ka molla,

Jeremia 29