1. Ana ke mantswe a lengolo leo moporofeta Jeremia a neng a le ngole a le Jerusalema, a le ngolla masalla a baholo ba setjhaba ba ileng ba thopuwa, le baprista le baporofeta le setjhaba sohle seo Nebukadenesare a neng a ile a se thopa Jerusalema, a se isa Babilona.
2. Le ile la ngolwa hoba batho bana ba tlohe Jerusalema, e leng kgosi Koniya, le mofumahadi, le matona, le mahosana a Juda le a Jerusalema, le ditsebi tsa mesebetsi ya matsoho le malala.
3. Lengolo le ne le rometswe ka Elasa, mora wa Shafane, le Gemareya, mora wa Hilekiya, bao Sedekiya, kgosi ya Juda, a neng a ba romme ho Nebukadenesare, kgosi ya Babilona. Lengolo leo le ne le re:
4. “Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena ho bohle ba ileng ba thopuwa, bao ke ileng ka etsa hore ba tloswe Jerusalema, ba iswe Babilona:
5. <Ikgaheleng matlo, le itulele ho wona; itemeleng dirapa, le itjelle tse melang ho tsona.
6. Inyalleng basadi, le itswalle bara le baradi; nyadisang bara ba lona, le baradi ba lona ba inyallwe, ba tle ba itswalle bara le baradi, e le hore le anafale, palo ya lona e se ke ya fokotseha.
7. Motse oo ke entseng hore le iswe ho wona le le bathopuwa le ke le o batlele kgotso, le o rapelle ho Morena, hobane ke ha feela motse oo o ena le kgotso le lona le tlang ho ba le kgotso!>
8. “Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: <Se dumeleng ho thetswa ke baporofeta ba lona le dinohe tse phelang hara lona; le se ke la kgolwa ditoro tsa lona, tseo le reng mathuela a di lore.
9. Batho bana ba porofeta leshano ka lebitso la ka. Ha ke a ba roma,> ho rialo Morena.
10. “Morena o bua tjena: <Ha dilemo tse mashome a supileng tse baletsweng Babilona di fela, ke tla le hopola, ke phethahatse tshepiso ya ka ya ho le hauhela ke le kgutlisetsa sebakeng sena.
11. Ke tseba merero eo ke le reretseng yona,> ho rialo Morena, <merero e metle e seng e mebe, merero ya ho le nea tshepo le bophelo ba kamoso.