8. Ho tloha mehleng ya kgale baporofeta ba bileng teng pele ho nna le pele ho wena, ba nnile ba porofetela dinaha tse ngata le mebuso e matla, ba porofeta ntwa le koduwa le lefu la sewa.
9. Ha mantswe a moporofeta ya porofetang kgotso a phethahala, ho tla tsejwa hore moporofeta eo o ne a fela a ronngwe ke Morena.”
10. Jwale moporofeta Hananiya a nka joko e neng e le molaleng wa moporofeta Jeremia, a e roba.
11. Hananiya a bua moo setjhaba sohle se ntseng se le teng, a re: “Morena o bua tjena: <Ho eso fete dilemo tse pedi, joko ya Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, e melaleng ya ditjhaba tsohle, ke tla e roba ka wona mokgwa ona.> ” Yaba moporofeta Jeremia o a itsamaela.
12. Hoba moporofeta Hananiya a robe joko e neng e le molaleng wa moporofeta Jeremia, lentswe la Morena la fihla ho Jeremia, la re:
13. “Tsamaya o yo bolella Hananiya, o re: <Morena o bua tjena: O robile joko ya lehong, empa bakeng sa yona ba tla fumana joko ya tshepe.