Jeremia 28:15-17 BIBELE (SSO89SO)

15. Jwale moporofeta Jeremia a re ho moporofeta Hananiya: “Mamela mona, wena Hananiya! Morena ha a ya o roma, empa wena o etsa hore setjhaba sena se tshepe leshano!

16. Ka baka lena, Morena o bua tjena: <Ke tla o fedisa lefatsheng mona! Ka sona selemo sena o tla shwa, hobane o rutile setjhaba ho kwenehela Morena!> ”

17. Yaba Hananiya o shwa ka kgwedi ya bosupa ya sona selemo seo.

Jeremia 28