Jeremia 27:7-11 BIBELE (SSO89SO)

7. Ditjhaba tsohle di tla mo sebeletsa, di sebeletse le mora wa hae le setloholo sa hae, ho fihlela nako e baletsweng naha ya hae e fihla, ebe jwale ditjhaba tse ngata, le dikgosi tse matla, di mo sebedisa kamoo di ratang kateng.

8. “ <Empa haeba mmuso kapa setjhaba se hana ho sebeletsa Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, se hana ho diha melala ya sona tlasa joko ya kgosi ya Babilona, setjhaba seo ke tla se bolaya ka sabole, le ka sekoboto, le ka lefu la sewa, ho fihlela ke se timetsa ka letsoho la Nebukadenesare,> ho rialo Morena.

9. <Ka baka leo, lona le se ke la mamela baporofeta ba lona, kapa dinohe tsa lona, kapa mathuela a lona, kapa baupi ba lona, kapa baloi ba lona, ba reng ho lona: Le ke ke la sebeletsa kgosi ya Babilona.

10. Ba le porofetela leshano, hore le tle le iswe hole le naha ya lona, nna ke tle ke le leleke, ebe le a timela.

11. Empa setjhaba se tla diha molala wa sona tlasa joko ya kgosi ya Babilona, se e sebeletse, sona ke tla se tlohela se nne se be naheng ya sona, se e leme, se phele ho yona,> ho rialo Morena.”

Jeremia 27