1. Tshimolohong ya puso ya Jehoyakime, mora wa Josiya, kgosi ya Juda, lentswe la Morena la fihla ho Jeremia, la re:
2. Morena o bua tjena ho nna: “Iketsetse marapo le dijoko, o di tlamelle molaleng wa hao.
3. Ebe o romela molaetsa ho kgosi ya Edomo, le ho kgosi ya Moabe, le ho kgosi ya Baamone, le ho kgosi ya Tire, le ho kgosi ya Sidone; o o romele ka maqosa a tlileng Jerusalema ho Sedekiya, kgosi ya Juda.
4. O laele maqosa ao hore a tle a re ho beng ba wona: <Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Bolellang beng ba lona, le re:
5. Ka matla a ka, le ka letsoho la ka le otlolohileng, ke nna ya entseng lefatshe, le motho, le diphoofolo tse teng lefatsheng, mme tsena tsohle ke di nea eo ke fumanang ho lokela ho mo nea tsona.