Jeremia 26:18-24 BIBELE (SSO89SO)

18. “Mehleng ya Hesekiya, kgosi ya Juda, Mmika wa Moreshete a na a porofeta, a bolella setjhaba sohle sa Juda, a re: <Morena wa mabotho o bua tjena:“ <Sione e tla lengwajwalokaha eka ke tshimo,Jerusalema yona e fetohediqubu tsa majwe,leralla leo Tempelee hahilweng hodima lonale fetohe tututswanae aparetsweng ke moru.>

19. “Na Hesekiya, kgosi ya Juda, le bohle ba morabe wa Juda, ba ne ba mmolaye? Na Hesekiya ha a a ka a tshaba Morena, a ithapella ho Morena? Na Morena ha a a ka a hauha, a se ke a ba tlisetsa koduwa eo a neng a ba reretse yona? Re lekgatheng la ho itlisetsa koduwa e tshabehang!”

20. Ho ne ho ena le monna e mong ya neng a porofeta ka lebitso la Morena. E ne e le Uriya, mora wa Shemaya ya tswang Kiriate-Jearime. Le yena o ne a porofetela motse ona le naha ena timelo, mme a bua mantswe wohle a tshwanang le a Jeremia.

21. Ha bo-kgosi Jehoyakime le bahale bohle ba hae, le mahosana wohle a hae, ba utlwa mantswe a Uriya, kgosi Jehoyakime a batla ho mmolaya, empa yare ha Uriya a utlwela a tshoha, yaba o balehela Egepeta.

22. Kgosi Jehoyakime a roma banna Egepeta, e leng Elenathane, mora wa Akabore, le banna ba bang ba neng ba mo tsamaisa tsela ho ya Egepeta.

23. Banna bao ba tla le Uriya, ba mo tlisa ho kgosi Jehoyakime. Jehoyakime a mmolaya ka sabole, a lahlela setopo sa hae ka setsheng sa mabitla a bafo.

24. Leha ho le jwalo Ahikama, mora wa Shafane, a buella Jeremia hore a se ke a neelwa setjhaba hore se mmolaye.

Jeremia 26