Jeremia 26:1-5 BIBELE (SSO89SO)

1. Tshimolohong ya puso ya Jehoyakime, mora wa Josiya, kgosi ya Juda, lentswe la Morena la fihla ho Jeremia, la re:

2. “Morena o bua tjena: Ema lebaleng la Tempele ya Morena, o bue ho bohle ba metse ya Juda, ba tlang ho tla rapella ka Tempeleng ya Morena. Ba bolelle mantswe wohle ao ke o laelang hore o ba bolelle wona, mme o se ke wa siya lentswe leha le le leng feela.

3. Mohlomong ba tla mamela, motho ka mong a kgelohe tsela ya hae e kgopo, ebe ke a hauha, ke thibela koduwa eo ke neng ke rerile ho ba dihela yona hodimo, ka baka la diketso tsa bona tse kgopo.

4. O ba bolelle, o re: <Morena o bua tjena: Haeba le sa mmamele, le sa latele melao ya ka eo ke le beetseng yona;

5. haeba le sa mamele mantswe a bahlanka ba ka, e leng baporofeta bao ke ba rometseng ho lona ka makgetlokgetlo, le hoja le sa ka la ba mamela;

Jeremia 26