3. “Ho qala ka selemo sa leshome le metso e meraro sa puso ya Josiya, mora wa Amona, kgosi ya Juda, ho fihlela kajeno, ke dilemo tse mashome a mabedi a metso e meraro lentswe la Morena le ntse le mphihlela. Ke buile ho lona ka makgetlokgetlo, empa ha le a ka la mamela letho.
4. Le hoja Morena a nnile a le romela bahlanka ba hae bohle, e leng baporofeta, ha le a ka la mamela kapa la sekeha ditsebe tsa lona.
5. Baporofeta ba ile ba re: <Jwale motho ka mong a kgelohe ditsela tsa hae tse kgopo, a furalle diketso tsa hae tse kgopo, a phele naheng eo Morena a e neileng lona le bo-ntata lona kamehla yohle.
6. Le se ke la latela medimo esele, la e sebeletsa, la e kgumamela; le se ke la mphephetsa, la nkgalefisa ka mesebetsi ya matsoho a lona, mme ha nka ke ka le hlokofatsa.
7. “ <Empa ha le a ka la mamela,> ho rialo Morena; <le mphepheditse, la nkgalefisa ka mesebetsi ya matsoho a lona, mme la ipitsetsa kotlo.>
8. “Ka baka leo, Morena wa mabotho o re: <Kahobane ha le a ka la mamela lentswe la ka,
9. ke tla bitsa ditjhaba tsohle tse ka leboya,> ho rialo Morena, <ke bitse le mohlanka wa ka Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, ditjhaba tseo di futuhele naha ena le baahi ba yona, di futuhele le ditjhaba tsohle tse ahelaneng le tsona, di di ripitle ho hang, di di etse setsoto, e be sekgobo, mme di timelle ruri.
10. Ke tla fedisa mehoo ya thabo le ya nyakallo; ke fedise lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa; ke fedise lerata la lelwala ha ho silwa, ke time lebone.