28. Empa haeba ba hana ho nka senwelo se ka letsohong hore ba nwe, wena o tle o re ho bona: <Morena wa mabotho o bua tjena: Le sa tle be le nwe!
29. Bonang, jwale ke qala ho dihela koduwa hodima motse ona o bitswang ka lebitso la ka; ebe na lona le ke ke la otlwa ho hang? Le tla otlwa, hobane baahi bohle ba lefatshe ke tla ba bolaya ka sabole,> ho rialo Morena wa mabotho.
30. “Jwale ba porofetele mantswe ana wohle, o re ho bona:“ <Morena o tla puruma a le hodimo,a howeletse a le sehalalelong sa hae,a kgarumele lefatshe la hae.O tla howa sa bathoba tlhotlang morara,a howeletse baahi bohle ba lefatshe.
31. Rata le tla fihlapheletsong tsa lefatshe,hoba tjhaba tsohleMorena o tla di qosa,batho bohle le bona a ba ahlole,ba kgopo a ba bolaye ka sabole,> ”ho rialo Morena.
32. Morena wa mabotho o bua tjena:“Koduwa e tla aparela ditjhaba!Lehodiotswana le tla tsoha,le tla tsoha pheletsong tsa lefatshe!”
33. Mohla tsatsi leo, bao Morena a ba bolaileng ba tla fumanwa hohle, ho tloha pheletsong e nngwe ya lefatshe ho ya fihla ho e nngwe. Ha ba ka ke ba llelwa, ditopo tsa bona ha di ka ke tsa phuthwa leha e le ho epelwa; di tla tshwana le kgapane e tletsatletseng hara naha.
34. Lona badisa llang,le bokolle haholo,lona beng ba mohlapeipitikeng hodima molora;nako ya ho bolawa ha lona e fihlile,nako ya ho qhalanngwa ha lonae phethahetse;le tla wa, le pshatlehesa lefiso le letleletle!