Jeremia 25:19-33 BIBELE (SSO89SO)

19. le Faro, kgosi ya Egepeta, le bahlanka ba hae, le mahosana a hae, le setjhaba sohle sa hae,

20. le melata yohle e Egepeta, le dikgosi tsohle tsa naha ya Use, le dikgosi tsohle tsa naha ya Filesitiya, le Ashekelone, le Asa, le Ekerone, le masalla a Ashedode,

21. le Edomo, le Moabe, le bana ba Amone,

22. le dikgosi tsohle tsa Tire, le dikgosi tsohle tsa Sidone, le dikgosi tsohle tsa dinaha tse lebopong la lewatle,

23. le Dedane, le Tema, le Buse, le tsohle tse dibakeng tse hole,

24. le dikgosi tsohle tsa Arabia, le dikgosi tsohle tsa merabe esele a ahileng lehwatateng,

25. le dikgosi tsohle tsa Simeri, le dikgosi tsohle tsa Elame, le dikgosi tsohle tsa Media,

26. le dikgosi tsohle tsa leboya, tse hole le tse haufi, ka ho hlahlamana ha tsona, le mebuso yohle e teng mona lefatsheng, mme qetellong ho tla nwa kgosi ya Sheshake.

27. “Jwale o tle o re ho bona: <Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Nwaang, le tahwe, le hlatse, le we, le se ke la hlola le tsoha, ka baka la sabole eo ke tla le bolaya ka yona.>

28. Empa haeba ba hana ho nka senwelo se ka letsohong hore ba nwe, wena o tle o re ho bona: <Morena wa mabotho o bua tjena: Le sa tle be le nwe!

29. Bonang, jwale ke qala ho dihela koduwa hodima motse ona o bitswang ka lebitso la ka; ebe na lona le ke ke la otlwa ho hang? Le tla otlwa, hobane baahi bohle ba lefatshe ke tla ba bolaya ka sabole,> ho rialo Morena wa mabotho.

30. “Jwale ba porofetele mantswe ana wohle, o re ho bona:“ <Morena o tla puruma a le hodimo,a howeletse a le sehalalelong sa hae,a kgarumele lefatshe la hae.O tla howa sa bathoba tlhotlang morara,a howeletse baahi bohle ba lefatshe.

31. Rata le tla fihlapheletsong tsa lefatshe,hoba tjhaba tsohleMorena o tla di qosa,batho bohle le bona a ba ahlole,ba kgopo a ba bolaye ka sabole,> ”ho rialo Morena.

32. Morena wa mabotho o bua tjena:“Koduwa e tla aparela ditjhaba!Lehodiotswana le tla tsoha,le tla tsoha pheletsong tsa lefatshe!”

33. Mohla tsatsi leo, bao Morena a ba bolaileng ba tla fumanwa hohle, ho tloha pheletsong e nngwe ya lefatshe ho ya fihla ho e nngwe. Ha ba ka ke ba llelwa, ditopo tsa bona ha di ka ke tsa phuthwa leha e le ho epelwa; di tla tshwana le kgapane e tletsatletseng hara naha.

Jeremia 25