Jeremia 25:14-27 BIBELE (SSO89SO)

14. Bakalatiya le bona ba tla sebeletsa ditjhaba tse ngata le dikgosi tse matla, ke ba otle ho ya ka diketso tsa bona le mesebetsi ya matsoho a bona.>

15. “Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena ho nna, o re: <Nka senwelo sena sa veine ya kgalefo se ka letsohong la ka, mme o etse hore ditjhaba tsohle tseo ke o romang ho tsona di se nwe.

16. Di tla se nwa, di thekesele, di hlanye ka baka la sabole eo ke tla di bolaya ka yona.> ”

17. Yaba ke nka senwelo se ka letsohong la Morena, ke se nwesa ditjhaba tsohle tseo Morena a nthommeng ho tsona,

18. e leng tse Jerusalema le metseng ya Juda le dikgosi tsa yona, le mahosana a yona, hore di tle di fetohe nanaola, setsoto, sekgobo le thohako, jwalokaha ho le jwalo kajeno;

19. le Faro, kgosi ya Egepeta, le bahlanka ba hae, le mahosana a hae, le setjhaba sohle sa hae,

20. le melata yohle e Egepeta, le dikgosi tsohle tsa naha ya Use, le dikgosi tsohle tsa naha ya Filesitiya, le Ashekelone, le Asa, le Ekerone, le masalla a Ashedode,

21. le Edomo, le Moabe, le bana ba Amone,

22. le dikgosi tsohle tsa Tire, le dikgosi tsohle tsa Sidone, le dikgosi tsohle tsa dinaha tse lebopong la lewatle,

23. le Dedane, le Tema, le Buse, le tsohle tse dibakeng tse hole,

24. le dikgosi tsohle tsa Arabia, le dikgosi tsohle tsa merabe esele a ahileng lehwatateng,

25. le dikgosi tsohle tsa Simeri, le dikgosi tsohle tsa Elame, le dikgosi tsohle tsa Media,

26. le dikgosi tsohle tsa leboya, tse hole le tse haufi, ka ho hlahlamana ha tsona, le mebuso yohle e teng mona lefatsheng, mme qetellong ho tla nwa kgosi ya Sheshake.

27. “Jwale o tle o re ho bona: <Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Nwaang, le tahwe, le hlatse, le we, le se ke la hlola le tsoha, ka baka la sabole eo ke tla le bolaya ka yona.>

Jeremia 25