1. Ka selemo sa bone sa puso ya Jehoyakime, mora wa Josiya, kgosi ya Juda, e leng selemo sa pele sa puso ya Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, lentswe la Morena la fihla ho Jeremia, malebana le setjhaba sa Juda.
2. Yaba moporofeta Jeremia o bua ho setjhaba sohle sa Juda, le ho baahi bohle ba Jerusalema, o re:
3. “Ho qala ka selemo sa leshome le metso e meraro sa puso ya Josiya, mora wa Amona, kgosi ya Juda, ho fihlela kajeno, ke dilemo tse mashome a mabedi a metso e meraro lentswe la Morena le ntse le mphihlela. Ke buile ho lona ka makgetlokgetlo, empa ha le a ka la mamela letho.
4. Le hoja Morena a nnile a le romela bahlanka ba hae bohle, e leng baporofeta, ha le a ka la mamela kapa la sekeha ditsebe tsa lona.
5. Baporofeta ba ile ba re: <Jwale motho ka mong a kgelohe ditsela tsa hae tse kgopo, a furalle diketso tsa hae tse kgopo, a phele naheng eo Morena a e neileng lona le bo-ntata lona kamehla yohle.
6. Le se ke la latela medimo esele, la e sebeletsa, la e kgumamela; le se ke la mphephetsa, la nkgalefisa ka mesebetsi ya matsoho a lona, mme ha nka ke ka le hlokofatsa.
7. “ <Empa ha le a ka la mamela,> ho rialo Morena; <le mphepheditse, la nkgalefisa ka mesebetsi ya matsoho a lona, mme la ipitsetsa kotlo.>
8. “Ka baka leo, Morena wa mabotho o re: <Kahobane ha le a ka la mamela lentswe la ka,
9. ke tla bitsa ditjhaba tsohle tse ka leboya,> ho rialo Morena, <ke bitse le mohlanka wa ka Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, ditjhaba tseo di futuhele naha ena le baahi ba yona, di futuhele le ditjhaba tsohle tse ahelaneng le tsona, di di ripitle ho hang, di di etse setsoto, e be sekgobo, mme di timelle ruri.
10. Ke tla fedisa mehoo ya thabo le ya nyakallo; ke fedise lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa; ke fedise lerata la lelwala ha ho silwa, ke time lebone.
11. Naha ena yohle e tla ba nanaola le setsoto, mme ditjhaba tsena di tla sebeletsa kgosi ya Babilona ka dilemo tse mashome a supileng.
12. “ <Etlare ha dilemo tse mashome a supileng di fetile, ke otle kgosi ya Babilona le setjhaba sa yona ka baka la bokgopo ba yona, naha ya Bakalatiya ke e fetole nanaola ya kamehla yohle,> ho rialo Morena.
13. <Dintho tsohle tseo ke di boletseng ke tla di dihela hodima naha ena, e leng tsohle tse ngotsweng bukeng ena, tseo Jeremia a ileng a di porofetela dinaha tsena tsohle.
14. Bakalatiya le bona ba tla sebeletsa ditjhaba tse ngata le dikgosi tse matla, ke ba otle ho ya ka diketso tsa bona le mesebetsi ya matsoho a bona.>