Jeremia 23:5-23 BIBELE (SSO89SO)

5. “Bonang, matsatsi a a tla,”ho rialo Morena,“ao ka wona ke tla tsosalehlomela le lokileng la Davida,kgosi e tla busa,e sebetse ka bohlale,e sebetse ka tokale ka ho loka lefatsheng.

6. Mehleng ya kgosi eo,Juda e tla pholoswa,Iseraele le yonae iphelele ka kgotso.Lebitso le tla rewa kgosi eoke lena:Morena ke yenaho loka ha rona.

7. “Ka baka leo, matsatsi a a tla,” ho rialo Morena, ao ka wona ba ke ke ba hlola ba re: “Re hlapanya ka Morena ya phelang, ya nyolotseng bana ba Iseraele naheng ya Egepeta.”

8. Empa ba tla re: “Re hlapanya ka Morena ya phelang, ya ileng a ntsha ditloholo tsa ntlo ya Iseraele naheng e ka leboya, le dinaheng tsohle tseo a neng a di leleketse ho tsona, mme di tla aha naheng ya tsona.”

9. Malebana le baporofeta, Jeremia o re:Pelo ya ka e nyahame kahara ho nna,e nyahamisitswe ke baporofeta;masapo a ka wohlea kenwe ke thothomelo.Ka baka la Morenale mantswe a halalelang a hae,ke se ke itshwanelale monna wa letahwa,ke tshwana le monnaya itlopileng veine.

10. Naha ena yohlee se e tletse difebe,ka baka la thohakonaha e apere bofifi,makgulo a dithota a omeletse.Tsela tsa difebe tsena ke tse kgopo,matla a tsona ha a sebediswe ka toka.

11. “Baporofeta le bapristabobedi ba silafetse,e, ka tlung ya kake fumane bokgopo ba bona,”ho rialo Morena.

12. “Tsela ya bona e tla thella,e thelle jwaloka e lefifing,ba tla kgarametswa,ba wele fifing leo,hobane ke tla theolela koduwahodima bona, ka selemo sa kotlo,”ho rialo Morena.

13. “Ke bone sebesa baporofeta ba Samaria,ba porofetile ka Baale,ba kgelosa tjhaba sa ka sa Iseraele.

14. Hara baporofeta ba Jerusalemake bone se tshosang:Ba etsa bofebe,ba phela ka ho bua mashano,ba bile ba kgothaletsa bathoho etsa bokgopo,hoo ho seng ya furallangbokgopo ba hae.Kaofela ha bonaho nna ba tshwana le ba Sodoma,baahi ba tengba tshwana le ba Gomora hantle.”

15. Ka baka leo, Morena wa mabotho o bua tjena malebana le baporofeta:“Bonang, ke tla ba nwesa lengana,ke ba nwese metsia babang sa leshokgwa,hobane ho silafalaho tletseng kahara nahake ho tswang ho baporofeta,baporofeta ba Jerusalema.”

16. Morena wa mabotho o bua tjena:“Le se ke la mamelamantswe a baporofeta,ba le porofetelangka ho le bolella mafeela;ba bua ka dipono tse tswangmehopolong ya bona,e seng tse tswangka molomong wa Morena.

17. Ho ba nnyedisang,baporofeta ba re ho bona:<Morena o boletse horele tla phela ka kgotso;>ho ba latelang pelo tsa bonatse manganga, ba re:<Ha ho na koduwae tla le wela hodimo!>

18. Ke ofe ho bonaya kila ba lekgotleng la Morena?Ke ofe ya kila mmona,a ba a utlwa ntswe la hae?Ke ofe ya kila utlwantswe la hae, a le mamela?

19. Tsokotsane sa Morena se tsohile,se tsohile ka sekgahla le ka kgalefo,ka sekgahla,ba kgopo se a ba tsukutla.

20. Kgalefo ya Morenaha e ka ke ya kgaotsa,ho fihlela e phethahatswa ke yena,ho fihlela a phethile merero ya hae;sena le tla se utlwisisamehleng ya ho qetela.

21. Baporofeta banaha ke a ka ka ba roma,empa ba ile ba ya ba potlakile;ha ke eso ka ke bua le bona,empa bona ba porofetile.

22. Ha ba ne ba bile tengkgotleng la ka,ba ka be ba entse horetjhaba sa ka se utlwe mantswe a ka,ba se kgelositsetsela tsa sona tse kgopo,ba se kgutlisitseketsong tsa sona tse kgopo.”

23. Morena o re:“Ke Modimo ya teng hohle,ya teng hole le haufi.

Jeremia 23