Jeremia 23:26-40 BIBELE (SSO89SO)

26. Baporofeta baa ba tla porofeta mashano ho fihlela neng? E, ke baporofeta ba porofetang mashano a tswang mehopolong ya bona.

27. Ka ditoro tsena tseo ba di bolellanang, ba nahana hore ba tla etsa hore setjhaba sena sa ka se lebale lebitso la ka, jwalokaha bo-ntata bona ba ile ba lebala lebitso la ka ka baka la Baale.

28. Moporofeta ya lorileng toro a ke a bolele toro eo, le ya tsebang lentswe la ka a ke a le bolele ka botshepehi. Mmoko ke eng, ha o bapiswa le koro?” ho rialo Morena.

29. “Na lentswe la ka ha le tshwane le mollo?” ho rialo Morena. “Na ha le tshwane le hamore e thuang mafika, e a etse maqhetswana?

30. “Ka baka leo, ke hanyetsana le baporofeta ba utswang mantswe a ka ka ho a nka melomong ya ba bang,” ho rialo Morena.

31. “Ke hanyetsana le baporofeta ba buang ka maleme a bona, ba re: <Morena o re,> ” ho rialo Morena.

32. “Ke hanyetsana le ba porofetang ditoro tsa mashano, ba be ba di bolele, ba etse hore setjhaba sa ka se kgelohe ka baka la mashano ao a bona le boithoriso boo ba bona, athe ke ne ke sa ba roma, le ho ba laela ke sa ba laela,” ho rialo Morena. “Ka baka lena, ha ba etsetse setjhaba sena molemo,” ho rialo Morena.

33. “Ha o ka botswa ke setjhaba sena, kapa ke baporofeta, kapa ke baprista, ha thwe: <Molaetsa wa Morena ke ofe?> Wena o tle o re ho bona: <Molaetsa oo ke lona! Ke tla qetella ke le lahlile,> ho rialo Morena.

34. Ha e le moporofeta, kapa moprista, kapa e mong wa setjhaba ya ka reng: <Molaetsa wa Morena,> motho eo ke tla mo otla hammoho le lelapa la hae lohle.

35. Kahoo motho ka mong o tla re ho mohahabo, kapa motho ka mong a re ho ngwanabo: <Karabo ya Morena ke efe? Morena o itseng?>

36. Ha le ka ke la hlola le bua ka molaetsa wa Morena hape, hobane lentswe la motho ka mong e tla ba lona molaetsa wa hae. Le sokamisitse mantswe a Modimo ya phelang, a Morena wa mabotho, Modimo wa rona.

37. Wena o tle o bue tjena ho moporofeta, o re: <Morena o o arabetse ka ho reng? Morena o itseng?>

38. “Empa erekaha le re: <Molaetsa wa Morena,> mme ke ile ka le tsebisa, ka re: <Le se ke la re: “Molaetsa wa Morena,” > Morena o bua tjena: <Le sebedisitse mantswe ana: “Molaetsa wa Morena,” > le hoja ke ile ka le bolella ka re le se ke la re: <Molaetsa wa Morena;>

39. ka baka leo, bonang, nna, e leng nna, ke tla le lebala ho hang, ke le furalle le motse ona oo ke neng ke o nee lona le bo-ntata lona, ebe ke le leleka mahlong a ka.

40. Ke tla le swabisa kamehla yohle, ke le hlabise dihlong, tse ke keng tsa lebalwa kamehla yohle.”

Jeremia 23