22. Ha ba ne ba bile tengkgotleng la ka,ba ka be ba entse horetjhaba sa ka se utlwe mantswe a ka,ba se kgelositsetsela tsa sona tse kgopo,ba se kgutlisitseketsong tsa sona tse kgopo.”
23. Morena o re:“Ke Modimo ya teng hohle,ya teng hole le haufi.
24. Na motho a ka ipatadikgotjheletsaneng,a ipata teng, yaba ha ke mmone?”ho rialo Morena.“Na ha ke fumanwelehodimong le lefatsheng?”ho rialo Morena.
25. “Ke utlwile se bolelwang ke baporofeta bana ba porofetang mashano ka lebitso la ka, ba re: <Ke lorile! Ke lorile!>
26. Baporofeta baa ba tla porofeta mashano ho fihlela neng? E, ke baporofeta ba porofetang mashano a tswang mehopolong ya bona.
27. Ka ditoro tsena tseo ba di bolellanang, ba nahana hore ba tla etsa hore setjhaba sena sa ka se lebale lebitso la ka, jwalokaha bo-ntata bona ba ile ba lebala lebitso la ka ka baka la Baale.
28. Moporofeta ya lorileng toro a ke a bolele toro eo, le ya tsebang lentswe la ka a ke a le bolele ka botshepehi. Mmoko ke eng, ha o bapiswa le koro?” ho rialo Morena.
29. “Na lentswe la ka ha le tshwane le mollo?” ho rialo Morena. “Na ha le tshwane le hamore e thuang mafika, e a etse maqhetswana?
30. “Ka baka leo, ke hanyetsana le baporofeta ba utswang mantswe a ka ka ho a nka melomong ya ba bang,” ho rialo Morena.
31. “Ke hanyetsana le baporofeta ba buang ka maleme a bona, ba re: <Morena o re,> ” ho rialo Morena.
32. “Ke hanyetsana le ba porofetang ditoro tsa mashano, ba be ba di bolele, ba etse hore setjhaba sa ka se kgelohe ka baka la mashano ao a bona le boithoriso boo ba bona, athe ke ne ke sa ba roma, le ho ba laela ke sa ba laela,” ho rialo Morena. “Ka baka lena, ha ba etsetse setjhaba sena molemo,” ho rialo Morena.
33. “Ha o ka botswa ke setjhaba sena, kapa ke baporofeta, kapa ke baprista, ha thwe: <Molaetsa wa Morena ke ofe?> Wena o tle o re ho bona: <Molaetsa oo ke lona! Ke tla qetella ke le lahlile,> ho rialo Morena.
34. Ha e le moporofeta, kapa moprista, kapa e mong wa setjhaba ya ka reng: <Molaetsa wa Morena,> motho eo ke tla mo otla hammoho le lelapa la hae lohle.