17. Ho ba nnyedisang,baporofeta ba re ho bona:<Morena o boletse horele tla phela ka kgotso;>ho ba latelang pelo tsa bonatse manganga, ba re:<Ha ho na koduwae tla le wela hodimo!>
18. Ke ofe ho bonaya kila ba lekgotleng la Morena?Ke ofe ya kila mmona,a ba a utlwa ntswe la hae?Ke ofe ya kila utlwantswe la hae, a le mamela?
19. Tsokotsane sa Morena se tsohile,se tsohile ka sekgahla le ka kgalefo,ka sekgahla,ba kgopo se a ba tsukutla.
20. Kgalefo ya Morenaha e ka ke ya kgaotsa,ho fihlela e phethahatswa ke yena,ho fihlela a phethile merero ya hae;sena le tla se utlwisisamehleng ya ho qetela.
21. Baporofeta banaha ke a ka ka ba roma,empa ba ile ba ya ba potlakile;ha ke eso ka ke bua le bona,empa bona ba porofetile.
22. Ha ba ne ba bile tengkgotleng la ka,ba ka be ba entse horetjhaba sa ka se utlwe mantswe a ka,ba se kgelositsetsela tsa sona tse kgopo,ba se kgutlisitseketsong tsa sona tse kgopo.”
23. Morena o re:“Ke Modimo ya teng hohle,ya teng hole le haufi.
24. Na motho a ka ipatadikgotjheletsaneng,a ipata teng, yaba ha ke mmone?”ho rialo Morena.“Na ha ke fumanwelehodimong le lefatsheng?”ho rialo Morena.
25. “Ke utlwile se bolelwang ke baporofeta bana ba porofetang mashano ka lebitso la ka, ba re: <Ke lorile! Ke lorile!>
26. Baporofeta baa ba tla porofeta mashano ho fihlela neng? E, ke baporofeta ba porofetang mashano a tswang mehopolong ya bona.
27. Ka ditoro tsena tseo ba di bolellanang, ba nahana hore ba tla etsa hore setjhaba sena sa ka se lebale lebitso la ka, jwalokaha bo-ntata bona ba ile ba lebala lebitso la ka ka baka la Baale.
28. Moporofeta ya lorileng toro a ke a bolele toro eo, le ya tsebang lentswe la ka a ke a le bolele ka botshepehi. Mmoko ke eng, ha o bapiswa le koro?” ho rialo Morena.
29. “Na lentswe la ka ha le tshwane le mollo?” ho rialo Morena. “Na ha le tshwane le hamore e thuang mafika, e a etse maqhetswana?