Jeremia 23:1-7 BIBELE (SSO89SO)

1. “Ho madimabe badisa ba timetsang dinku tsa makgulo a ka, ba di qhale,” ho rialo Morena.

2. Ka baka lena, Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena malebana le badisa ba alosang setjhaba sa hae: “Le qhadile mohlape wa ka, la o leleka, mme ha le a ka la o hlokomela. Bonang, ke tla le otla ka baka la bokgopo ba diketso tsa lona,” ho rialo Morena.

3. “Nna ka seqo, ke tla bokella masalla a mohlape wa ka dinaheng tsohle tseo ke neng ke o leleketse ho tsona, ke boele ke o kgutlisetse masakeng a wona, mme o tla tswala, o anafale.

4. Ke tla o kgethela badisa ba tla o alosa. Ha o sa tla hlola o tshaba letho, kapa o tsieleha, mme ha ho le e nngwe ya wona e tla lahleha,” ho rialo Morena.

5. “Bonang, matsatsi a a tla,”ho rialo Morena,“ao ka wona ke tla tsosalehlomela le lokileng la Davida,kgosi e tla busa,e sebetse ka bohlale,e sebetse ka tokale ka ho loka lefatsheng.

6. Mehleng ya kgosi eo,Juda e tla pholoswa,Iseraele le yonae iphelele ka kgotso.Lebitso le tla rewa kgosi eoke lena:Morena ke yenaho loka ha rona.

7. “Ka baka leo, matsatsi a a tla,” ho rialo Morena, ao ka wona ba ke ke ba hlola ba re: “Re hlapanya ka Morena ya phelang, ya nyolotseng bana ba Iseraele naheng ya Egepeta.”

Jeremia 23