5. Empa haeba le sa mamele mantswe ana, ke a le hlapanyetsa hore ntlo ena e tla fetoha dithako,> ” ho rialo Morena.
6. Morena o bua tjena malebana le ntlo ya kgosi ya Juda:“Le hoja ho nna o ka Gileade,o tshwana le tlhoro ya Lebanone,ruri ke tla o fetola lehwatata,ke o fetole metse e hloka baahi.
7. Ke tla o romela ba tla o timetsa,motimetsi ka monga nkile hlomo tsa hae;ba tla rema fate tsa hao tse ntle,fate tsa hao tsa dikedare,ba di reme ba di lahlele mollong.
8. “Ditjhaba tse ngata di tla feta pela metse ena, motho ka mong a botse wa habo, a re: <Ke ka lebaka lang ha Morena a entse ntho e tjee motseng o moholo hakaale?>