Jeremia 22:24-30 BIBELE (SSO89SO)

24. “Ke a le hlapanyetsa,” ho rialo Morena, “Leha eba wena Koniya, mora wa Jehoyakime, kgosi ya Juda, o ne o ka ba lesale le monwaneng wa letsoho la ka le letona, ke ne ke tla o rola.

25. Ke tla neelana ka wena matsohong a ba batlang ho o bolaya, bona bao o ba tshabang, e leng matsohong a Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, le matsohong a Bakalatiya.

26. Wena, le mmao ya o tswetseng, ke tla le lahlela kantle, naheng eo le sa tswallwang ho yona, mme le tla shwela hona teng.

27. Empa ha e le naha eo le labalabelang ho kgutlela ho yona, yona le ke ke la kgutlela ho yona.”

28. Na Koniya hase nkgwanae nyatsehang, e matlere?Na hase sejana seoho seng ya se thabelang?Ke hobaneng ha yenale bana ba hae ba lelekilwe,ba leleketswe nahengeo ba sa e tsebeng?

29. Oho, wena lefatshe,wena lefatshe, wena lefatshe!Ako mamele lentswe la Morena!

30. Morena o bua tjena:“Ngolang hore monna enwaha a na bana,ke motho ya ke keng a atlehabophelong ba hae,ha ho le ya mong wa bana ba haeya tla atleha,ya tla dula teroneng ya Davida,ya tla busa ba morabe wa Juda.

Jeremia 22