23. Wena moahi ya phelang Lebanone,ya phelang tlunge hahilweng ka dikedare,o tla dumaela hakaeha mahlaba a o fihlela,mahlaba a kang a mosadi,mosadi a kena tlung!
24. “Ke a le hlapanyetsa,” ho rialo Morena, “Leha eba wena Koniya, mora wa Jehoyakime, kgosi ya Juda, o ne o ka ba lesale le monwaneng wa letsoho la ka le letona, ke ne ke tla o rola.
25. Ke tla neelana ka wena matsohong a ba batlang ho o bolaya, bona bao o ba tshabang, e leng matsohong a Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, le matsohong a Bakalatiya.
26. Wena, le mmao ya o tswetseng, ke tla le lahlela kantle, naheng eo le sa tswallwang ho yona, mme le tla shwela hona teng.
27. Empa ha e le naha eo le labalabelang ho kgutlela ho yona, yona le ke ke la kgutlela ho yona.”