13. “Ho madimabe ya hahangntlo ya hae ka bolotsana,a hahe disolloro tsa yonaka bomenemene;ya etsang hore mohahaboa sebeletse lelea,ya sa lefeng moputsowa mosebeletsi wa hae.
14. Ya reng: <Ke tla ikgahelantlo ya ka e kgolo,e nang le disolloro tse batsi.>A fela a e etsetsa difesetere,mabota a a manehemapolanka a dikedare,a ba e dile ka mobu o mofubedu.
15. “Na o tla busahobane o hahile ka dikedare?Na ntatao yena o na sa je,mme a sa nwe?Empa o nnile a sebetsaka toka le ka ho loka,yaba o phela hamonate,a phela ka boiketlo.
16. O ila ahlolelamofutsana le mohloki,yaba o phela hamonate,a phela ka boiketlo.Na hoo e ne se hona ho ntseba?ho rialo Morena.
17. “Mahlo a hao le pelodi buswa ke meharo ya hao,di buswa ke ho tsholla madia se na molato,di buswa ke kgatellole tlhokofatso ya batho.”
18. Ka baka leo, Morena o bua tjena malebana le Jehoyakime, mora wa Josiya, kgosi ya Juda:“Ha ba ka ke ba mo llela,ba re: <Jo nna, ngwaneso!Jo nna, kgaitsedi ya ka!>Ha ba ka ke ba mo llela,ba re: <Jo nna, monga ka!Jo nna, tlotla ya hae!>
19. Phupu ya haee tla tshwana le ya tonki,a hulanngwe, a lahlelwe kantle,a akgelwe thokoho kgoro tsa Jerusalema.”
20. “Nyolohela Lebanone,o yo howa hona teng,o meketse, ntswe la haole yo utlwahala Bashane,o meketse haholoo le thabeng tsa Abarime,hoba baratuwa ba hao bohleba timeditswe.
21. Ka na ka bua le wenaha o no sa atlehile,yaba wena o re:<Nke ke be ka o mamela!>Bona ke boitshwaro ba haoho tloha botjheng ba hao,hore lentswe la kao se ke wa le mamela.
22. Moya o tla fefolabadisa ba hao bohle,baratuwa ba hao bohleba tla thopuwa.Ruri o tla hlajwa ke dihlong,o tlontlolohe, o tsieleheka baka la bokgopo ba hao bohle.