1. Morena o bua tjena: “Theohela tlung ya kgosi ya Juda, o yo phatlalatsa molaetsa ona hona teng,
2. o re: <Mamela lentswe la Morena, wena kgosi ya Juda, wena ya dutseng teroneng ya Davida, wena le bahlanka ba hao, le setjhaba sa hao se kenang ka dikgoro tsena.
3. Morena o bua tjena: Ahlolelang batho ka toka le ka nepo, le namolele ya tlatlapuwang matsohong a motlatlapi wa hae. Le se ke la etsa moditjhaba, kgutsana kapa mohlolohadi hampe, kapa la ba hlokofatsa, leha e le ho tsholla madi a se nang molato sebakeng sena.
4. Haeba ruri tsena le ka di etsa, dikgosi tse dutseng teroneng ya Davida di tla kena dikgorong tsa motse ona, di palame kariki tsa ntwa le dipere, di tsamaya mmoho le bahlanka ba tsona, le setjhaba sa tsona.
5. Empa haeba le sa mamele mantswe ana, ke a le hlapanyetsa hore ntlo ena e tla fetoha dithako,> ” ho rialo Morena.
6. Morena o bua tjena malebana le ntlo ya kgosi ya Juda:“Le hoja ho nna o ka Gileade,o tshwana le tlhoro ya Lebanone,ruri ke tla o fetola lehwatata,ke o fetole metse e hloka baahi.
7. Ke tla o romela ba tla o timetsa,motimetsi ka monga nkile hlomo tsa hae;ba tla rema fate tsa hao tse ntle,fate tsa hao tsa dikedare,ba di reme ba di lahlele mollong.