Jeremia 21:5-9 BIBELE (SSO89SO)

5. Nna ka seqo, ke tla le futuhela ka letsoho le otlolohileng, le matla, ke halefile, ke le bohale, kgalefo ya ka e tlokoma.

6. Ke tla otla baahi ba motse ona le diphoofolo: Bohle ba tla bolawa ke lefu la sewa.

7. Hamorao,> ho rialo Morena, <ke tla neelana ka Sedekiya, kgosi ya Juda, le ka bahlanka ba hae, le ka setjhaba sa hae, le ka masalla a sa bolawang ke lefu la sewa, le ka ba sa bolawang ka sabole, le ka ba sa bolawang ke sekoboto; ke tla neelana ka bona matsohong a Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, le matsohong a dira tsa bona, le matsohong a ba batlang ho ba bolaya. Nebukadenesare o tla ba bolaya ka sabole. A ke ke a ba qenehela, leha e le ho ba utlwela bohloko, kapa ho ba hauhela.>

8. “O tle o re ho setjhaba sena: <Morena o bua tjena: Bonang mona, ke re le ikgethele hore na le nka tsela e isang bophelong kapa le nka tsela e isang lefung.

9. Ya tla sala motseng ona o tla bolawa ka sabole, kapa a bolawe ke sekoboto, kapa a bolawe ke lefu la sewa. Empa ya tla tswa a yo ineela ho Bakalatiya ba le etseditseng thibella, yena o tla phela, a ikgapele bophelo ba hae.

Jeremia 21