Jeremia 21:5-14 BIBELE (SSO89SO)

5. Nna ka seqo, ke tla le futuhela ka letsoho le otlolohileng, le matla, ke halefile, ke le bohale, kgalefo ya ka e tlokoma.

6. Ke tla otla baahi ba motse ona le diphoofolo: Bohle ba tla bolawa ke lefu la sewa.

7. Hamorao,> ho rialo Morena, <ke tla neelana ka Sedekiya, kgosi ya Juda, le ka bahlanka ba hae, le ka setjhaba sa hae, le ka masalla a sa bolawang ke lefu la sewa, le ka ba sa bolawang ka sabole, le ka ba sa bolawang ke sekoboto; ke tla neelana ka bona matsohong a Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, le matsohong a dira tsa bona, le matsohong a ba batlang ho ba bolaya. Nebukadenesare o tla ba bolaya ka sabole. A ke ke a ba qenehela, leha e le ho ba utlwela bohloko, kapa ho ba hauhela.>

8. “O tle o re ho setjhaba sena: <Morena o bua tjena: Bonang mona, ke re le ikgethele hore na le nka tsela e isang bophelong kapa le nka tsela e isang lefung.

9. Ya tla sala motseng ona o tla bolawa ka sabole, kapa a bolawe ke sekoboto, kapa a bolawe ke lefu la sewa. Empa ya tla tswa a yo ineela ho Bakalatiya ba le etseditseng thibella, yena o tla phela, a ikgapele bophelo ba hae.

10. Ke reretse motse ona bobe e seng botle,> ho rialo Morena. <Motse ona o tla wela matsohong a kgosi ya Babilona, mme yona e tla o tjhesa ka mollo.>

11. “Hape bolella ba ntlo ya bokgosi ba Juda, o re: <Mamelang lentswe la Morena.

12. Oho, lona ba ntlo ya Davida, Morena o bua tjena:“ <Ahlolelang batho ka tokahoseng ha letsatsi ka leng,namolelang motlatlapuwamatsohong a motlatlapi,esere kgalefo ya kaya laima malakabe,ya tuka hooho seng ya ka ba e tima,ka baka la bokgopoba diketso tsa lona.

13. Morena o re:Lona baahi ba kgohloke a le futuhela,lona ba phelanghodima sehlaba se mafika,lona ba reng:“Re ka futuhelwa ke mang?Diahelong tsa ronaho ka kena mang?”

14. Morena o re:Ke tla le otlaho ya ka diketso tsa lona,ke hotetse hlaha merung ya lona,ke e tjhese,tsohle tse le potapotilengdi tla timela.> ”

Jeremia 21