Jeremia 21:1-6 BIBELE (SSO89SO)

1. Lentswe la Morena la fihla ho Jeremia nakong eo kgosi Sedekiya a neng a rometse Pashahure, mora wa Malakiya, le moprista Sofonea, mora wa Maasiya. Ba re ho Jeremia:

2. “Re a o kopa: Ako re buelle ho Morena, hobane Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, o a re futuhela. Mohlomong Morena o tla re etsetsa mohlolo jwalokaha a ne a etse ka nako e fetileng, mme eo a se ke a hlola a re futuhela.”

3. Yaba Jeremia o re ho bona: “Bolellang Sedekiya, le re:

4. <Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Le tla hlolwa. Dihlomo tsa lona, tseo ka tsona le tla lwantsha kgosi ya Babilona le Bakalatiya ba le etseditseng thibella, ke tla di nka, ke di bokelle, ke di bee bohareng ba motse.

5. Nna ka seqo, ke tla le futuhela ka letsoho le otlolohileng, le matla, ke halefile, ke le bohale, kgalefo ya ka e tlokoma.

6. Ke tla otla baahi ba motse ona le diphoofolo: Bohle ba tla bolawa ke lefu la sewa.

Jeremia 21