9. Ha ke re: “Ha ke sa tla hlolake bua ka Morena,ha ke sa tla hlolake bolela bitso la hae,”ka pelong ya kantswe la hae ke malakabe,ke mollo o tukangkahara masapo a ka,ke se ke kgathetseke ho hlola ke o bipile,ho o mamella le hona ho a ntshita.
10. Ke utlwa ba bangataba ntse ba hweshetsa,ba re: “Kahohle ke Matshabeho!Mo hlahatseng!A re mo hlahatseng!”Metswalle ya ka yohlee laletse hore ke fose,e re:“Mohlomong a ka nna thetseha,yaba re tseba ho mo hlola ke hona,ra ba ra tsebale ho iphetetsa ka yena.”
11. Empa Morena o na le nna,o matla, o a tshabeha,kahoo bahlorisi ba kaba tla kgothometseha.Ha ba ka ke ba ba ba hlola,ba tla hlajwa ke dihlong haholo,merero ya bona e ke ke be ya atleha,le dihlong tsa bonadi ke ke be tsa lebalwa.
12. Empa wena Morena mabotho,wena ya hlahlobang ba lokileng,wena ya bonangbotebo ba dipelo tsa batho,a nke ke boneha o iphetetsa hodima bona,hobane nyewe ya kake e beile kapele ho wena.
13. Binelang Morena, le mo rorise!O pholositse bafumanehimatsohong a ba kgopo.
14. Ho ke ho rohakehetsatsi la tswalo ya ka!Tsatsi leo ke belehilweng ka lona,tsatsi leo le se hlohonolofale!
15. Ho ke ho rohakeheya ileng a behela ntate,yena ya ileng a mo thabisa, a re:“O tswaletswe ngwana moshanyana!”
16. Motho eo a ke a tshwane le metse,metse eo Morenaa ileng a e timetsa ho se mohau.Motho eo a ke a utlwe dilloe sa le ka matjeke,mokgosi wa ntwa a o utlweha tadi e anyesa,
17. hoba ha a ka a mpolayake eso tswalwe,popelo ya mmeya eba lebitla la ka,mme ya eba moimanakamehla yohle.
18. Ekaba ke ne ke tswelangpopelong ya mme,hore ke tlo bonaditsietsi le maswabi,bophelo ba kake bo qete ke le dihlong?