5. Maruo wohle a motse ona, le tsohle tse sebeditsweng ka thata, le dintho tsohle tsa bohlokwa, le matlotlo wohle a dikgosi tsa Juda, tsena tsohle ke tla neelana ka tsona matsohong a dira tsa bona. Dira di tla di hapa, di di nke, di ye le tsona Babilona.
6. Ha e le wena Pashahure, le bohle ba phelang tlung ya hao, le tla thopuwa, le iswe Babilona. O tla shwela teng, mme o epelwe teng, wena le metswalle yohle ya hao eo o e porofetetseng leshano.> ”
7. Morena, o ile wa nthetsa,ka thetseha,wena o matla ho mpheta,mme o ntlhotse.Tsatsi lohle ba ntlepa ditsheho,motho ka mongo nnyekoletsa melomo.
8. Kamehla ha ke bua ke ye ke howe,ke meketse, ke re:“Moferefere le timelo!”Ka dinako tsohle ke a songwa,ke a nyatsuwa,ka baka la ho bolelalentswe la Morena.