1. Ha Pashahure, mora wa moprista Imere, eo e neng e bile e le mookamedi wa Tempele ya Morena, a utlwa hore Jeremia o porofeta dintho tsena,
2. a re moporofeta Jeremia a shapuwe, a tlamellwe pakeng tsa dikoqo tse neng di le Monyakong wa Benjamine o kahodimo, pela Tempele ya Morena.
3. Ka letsatsi le hlahlamang, Pashahure a re Jeremia a lokollwe. Yaba Jeremia o re ho yena: “Lebitso leo Morena a o reileng lona hase Pashahure, empa ke Kahohle ke Matshabeho.
4. Morena o bua tjena: <Ke tla etsa hore o itshabe, le metswalle yohle ya hao e o tshabe. Metswalle eo ya hao e tla bolawa ke dira tsa yona ka sabole, mme tsena o tla di bona ka mahlo a hao. Baahi bohle ba Juda ke tla neelana ka bona matsohong a kgosi ya Babilona; yona e tla ba thopa, e ba ise Babilona, e ba bolaye ka sabole.
5. Maruo wohle a motse ona, le tsohle tse sebeditsweng ka thata, le dintho tsohle tsa bohlokwa, le matlotlo wohle a dikgosi tsa Juda, tsena tsohle ke tla neelana ka tsona matsohong a dira tsa bona. Dira di tla di hapa, di di nke, di ye le tsona Babilona.