6. Ke hobanengba sa kang ba botsa, ba re:<O kae Morena ya re nyolotsengnaheng ya Egepeta,yena ya ila re fetisa hara lehwatata,naheng ya mahlabathele ya madumela;naha e sekaka,e leng naha ya matshabeho,eo ho seng ya kila tsamaya ho yona,eo motho a eso phele ho yona?>
7. Ke le tlisitse naheng e manoni,hore le je tholwana tsa yonale menate ya yona;empa ha le fihla le ile la e silafatsa,lefa la ka la le fetola manyala.
8. Baprista ha ba a ka ba re:<O kae Morena?>Ditsebi tsa Molaoha di a hlola di sa ntseba,babusi ba setjhabale bona ba mphetohela;baporofeta ba porofetaka lebitso la Baale,ba latela medimoe ke ke ya ba thusa.”
9. “Kahoo ke tla le qosa,”ho rialo Morena,“ke be ke qosele tloholwana tsa lona.
10. Eyang hlekehlekeng tsa Kitimele ke le bone,le romele maqosa Kedare,le hlahlobe hantle,le bone na ho tjenaho kile ha eba teng.
11. Na tjhaba se tengse kileng sa fetola medimo ya sona,le hoja medimo eoe ne le ya bohata?Empa tjhaba sa ka se anantse nna,nna Tlotla ya sona,sa nkananya ka medimoe se na thuso.
12. Lona mahodimo tsotang,le makalle sena,le thothomele, le tshabe haholo,”ho rialo Morena.
13. “Tjhaba sa kase entse dibe di le pedi:Se furaletse nna,diba sa metsi a phoroselang,sa itjhekela diqanthanatseo e leng tsa sona,qanthana tseo metsia ke keng a ema ka ho tsona.”
14. “Na Iseraele ke mohlankaya tswetsweng e le lekgoba?Ho ya kangha a sa fetohile lelobelo?
15. Tawana di a puruma,di a mo kgobolaka,naha ya haedi e fetotse nanaola,metse ya haeke masupi, ha e na baahi.
16. Banna ba Nofe le ba Tahepanehese,le bona ba se ba mmeotse lekorana.