Jeremia 2:32-37 BIBELE (SSO89SO)

32. Na morwetsana a ka lebalamekgabiso ya hae,monyaduwa a lebala aparo tsa hae?Empa tjhaba sa ka sona se ntebetse,se ntebetse ka ditshiu di se na palo!

33. O hlalefetse tsela tsa ho batla lerato,o rutile le diotswa tsela tseo tsa hao.

34. Aparong tsa hao madi a fumanwe,madi a bafumanehiba se nang molato,e seng madi a mashodu,dithuamatlo.

35. Empa wena o re:<Ha ke na molato!Ruri kgalefo ya Morenae tla mphapoha!>Bona mona, nna ke tla o ahlola,hobane o re wena ha o a etsa sebe.

36. O lelera hakaale ka baka lang,o tsamaya o kgeloha tsela tsa hao?O tla hlabiswa dihlong ke Egepeta,jwalokaha Asiriae o hlabisitse dihlong.

37. Le moo Egepeta, o tla kgutla,o kgutle tengmatsoho o a beile hloohong,hoba Morena o furaletsebao o ba tshepang,mme ba ke keba o fumantsha katleho.”

Jeremia 2