27. Ba re ho sefate:<Wena o ntata rona!>Ho lefika ba re:<Rona re tswetswe ke wena!>Ba mphuraletse,fahleho tsa bona ha di ntadime;athe ka nako ya ditsietsi ba re:<Ako tle, o re pholose!>
28. “E kae jwale medimo ya lona,medimo ya maiketsetso?A e ke e tlehaeba e tseba ho le pholosanakong ena ya lona ya ditsietsi!Palo ya metse ya hao, wena Juda,e lekana le palo ya medimo ya hao.
29. “Ke ka baka langha le phea kgang le nna?Kaofela ha lonale ba mphetohetseng,”ho rialo Morena.
30. “Ke otlile bara ba lona,empa thuso ha e yo;kgalemelo ya kaba hanne ho e mamela;sabole tsa lonadi jele baporofeta ba lona,tsa ba ja sa tau e harolakang.
31. “Lona ba moloko ona,mamelang lentswe la Morena:Na ke bile lehwatata ho Baiseraele,ka ka naha e lefifi ho bona?Ke ka baka langha tjhaba sa ka se re:<Rona re tla iketsetsa borata,ha re ka ke ra kgutlela ho wena?>