20. “Joko ya hao ke kgale o no e robe,marapo a yona wona wa a kgaola,wa re:<ha ke sa tla ba lekgoba la hao!>Yaba o hlwella hodima maralla,tlasa difate tse talana wa lelera,wa paqama fatshe ho etsa bootswa.
21. Ke ne ke o hlommesa morara o motlemotle,sa morara o jetswengka peo e butswitseng;jwale o ile wa mphuralla jwang,wa fetoha hlahlaaneya morara wa naha?
22. Leha o ka ba itlhatswa ka sota,wa itlhatswa ka sesepa se le sengata,ke tla nne ke bone lethebala molato wa hao,”ho rialo Morena Modimo.
23. “O ka bua jwang, wa re:<Ha ke a silafala;ha ke a ka ka petlapetlakamora bo-Baale?>Hlahloba boitshwaro ba haoba ka kgohlong,o nahane seo o ileng wa se etsa!O tshwana le kamele e palesitse,e parakanya,e kgaohanya tsela tsa yona;
24. o ka tonki e hlaha,e tlwaetseng lehwatata,e fofonelang moyaha e fihletswe ke takatso;ha e palesitsee ka thibelwa ke mang?Poho tse e batlangdi ke ke tsa ikgathatsa,di tla e fumanaka kgwedi ya ho tlolelwa.
25. Kgaotsa ho tsamaya,oto le se fellwe ke meqathatso,mmetso wa haoo se omelle ke lenyora.Empa wena o itse:<Tjhe, ha ho na thuso!Nna ke ithatela medimo,medimo ya baditjhaba,mme ke tlameha horeke e sale morao!> ”