Jeremia 2:12-21 BIBELE (SSO89SO)

12. Lona mahodimo tsotang,le makalle sena,le thothomele, le tshabe haholo,”ho rialo Morena.

13. “Tjhaba sa kase entse dibe di le pedi:Se furaletse nna,diba sa metsi a phoroselang,sa itjhekela diqanthanatseo e leng tsa sona,qanthana tseo metsia ke keng a ema ka ho tsona.”

14. “Na Iseraele ke mohlankaya tswetsweng e le lekgoba?Ho ya kangha a sa fetohile lelobelo?

15. Tawana di a puruma,di a mo kgobolaka,naha ya haedi e fetotse nanaola,metse ya haeke masupi, ha e na baahi.

16. Banna ba Nofe le ba Tahepanehese,le bona ba se ba mmeotse lekorana.

17. Na hase wena ya ipileditseng hooka ho furalla Morena,Modimo wa hao,nakong ya ha a nea o tsamaisa tseleng?

18. O ratelang ho ya Egepetaho ya nwa metsi a Shihore?O ratelang ho ya Asiriaho ya nwa metsi a Noka?

19. Bokgopo ba haoke bona bo tla o otla,ho mphuralla ha haohona ho o kgaleme.Imamele ke hona o ele hlokokamoo o babelwangke bokgopo ba hao,ha o furalla Morena,Modimo wa hao,o bile o so sa ntshabe le ho ntshaba,”ho rialo Morena, Modimo wamabotho.

20. “Joko ya hao ke kgale o no e robe,marapo a yona wona wa a kgaola,wa re:<ha ke sa tla ba lekgoba la hao!>Yaba o hlwella hodima maralla,tlasa difate tse talana wa lelera,wa paqama fatshe ho etsa bootswa.

21. Ke ne ke o hlommesa morara o motlemotle,sa morara o jetswengka peo e butswitseng;jwale o ile wa mphuralla jwang,wa fetoha hlahlaaneya morara wa naha?

Jeremia 2