1. Lentswe la Morena la boela la mphihlela, la re:
2. “Tsamaya o yo howeletsa hore baahi ba Jerusalema ba utlwe, o re Morena o bua tjena:“ <Ke hopola ho nkgomarela ha haobotjheng ba hao,kamoo o nthatileng katengo sa le monyaduwa,wa ntshala morao lehwatateng,naheng eo ho sa jalwang,ho sa jalwang letho ho yona.
3. Ho Morena, Iseraele e ne halalela,e le dilopotsiya tsa kotulo ya hae;bohle ba di jang ba ne ba le molato,bobe bo ba wela hodimo,> ”ho rialo Morena.
4. Lona ba ntlo ya Jakobo, le ba malapa wohle a ntlo ya Iseraele, utlwang lentswe la Morena.
5. Morena o bua tjena:“Baholoholo ba lonaba bone kgopo ba ka e le bofe,ha ba ile ba mphuralla,ba mathelaka mafeela,mme jwale ba fetohile mafeela?
6. Ke hobanengba sa kang ba botsa, ba re:<O kae Morena ya re nyolotsengnaheng ya Egepeta,yena ya ila re fetisa hara lehwatata,naheng ya mahlabathele ya madumela;naha e sekaka,e leng naha ya matshabeho,eo ho seng ya kila tsamaya ho yona,eo motho a eso phele ho yona?>
7. Ke le tlisitse naheng e manoni,hore le je tholwana tsa yonale menate ya yona;empa ha le fihla le ile la e silafatsa,lefa la ka la le fetola manyala.
8. Baprista ha ba a ka ba re:<O kae Morena?>Ditsebi tsa Molaoha di a hlola di sa ntseba,babusi ba setjhabale bona ba mphetohela;baporofeta ba porofetaka lebitso la Baale,ba latela medimoe ke ke ya ba thusa.”