1. Lentswe la Morena la boela la mphihlela, la re:
2. “Tsamaya o yo howeletsa hore baahi ba Jerusalema ba utlwe, o re Morena o bua tjena:“ <Ke hopola ho nkgomarela ha haobotjheng ba hao,kamoo o nthatileng katengo sa le monyaduwa,wa ntshala morao lehwatateng,naheng eo ho sa jalwang,ho sa jalwang letho ho yona.
3. Ho Morena, Iseraele e ne halalela,e le dilopotsiya tsa kotulo ya hae;bohle ba di jang ba ne ba le molato,bobe bo ba wela hodimo,> ”ho rialo Morena.
4. Lona ba ntlo ya Jakobo, le ba malapa wohle a ntlo ya Iseraele, utlwang lentswe la Morena.
5. Morena o bua tjena:“Baholoholo ba lonaba bone kgopo ba ka e le bofe,ha ba ile ba mphuralla,ba mathelaka mafeela,mme jwale ba fetohile mafeela?
6. Ke hobanengba sa kang ba botsa, ba re:<O kae Morena ya re nyolotsengnaheng ya Egepeta,yena ya ila re fetisa hara lehwatata,naheng ya mahlabathele ya madumela;naha e sekaka,e leng naha ya matshabeho,eo ho seng ya kila tsamaya ho yona,eo motho a eso phele ho yona?>
7. Ke le tlisitse naheng e manoni,hore le je tholwana tsa yonale menate ya yona;empa ha le fihla le ile la e silafatsa,lefa la ka la le fetola manyala.
8. Baprista ha ba a ka ba re:<O kae Morena?>Ditsebi tsa Molaoha di a hlola di sa ntseba,babusi ba setjhabale bona ba mphetohela;baporofeta ba porofetaka lebitso la Baale,ba latela medimoe ke ke ya ba thusa.”
9. “Kahoo ke tla le qosa,”ho rialo Morena,“ke be ke qosele tloholwana tsa lona.
10. Eyang hlekehlekeng tsa Kitimele ke le bone,le romele maqosa Kedare,le hlahlobe hantle,le bone na ho tjenaho kile ha eba teng.