Jeremia 19:12-15 BIBELE (SSO89SO)

12. Sena ke tla se etsa sebakeng sena le ho baahi ba sona, ho rialo Morena. Motse ona ke tla o etsa hore o be jwaloka Tofete.

13. Matlo a Jerusalema le matlo a dikgosi tsa Juda a tla silafatswa jwaloka sebaka sa Tofete, ka baka la matlo wohle ao ba ileng ba hlwella hodima wona, ba tjhesetsa mokubetso hodima marulelo a wona, ba o tjhesetsa dinaledi, mme ba qhatsetsa medimo esele nyehelo ya dino.> ”

14. Yaba Jeremia o kgutla Tofete, moo Morena a neng a mo rometse teng ho ya porofeta. A fihla a ema lebaleng la Tempele ya Morena, a re ho setjhaba sohle:

15. “Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: <Mamelang! Motse ona le metsana yohle e o potapotileng ke tla e dihela koduwa tseo ke di boletseng, hobane setjhaba sena se ile sa satalatsa melala ya sona, sa hana ho mamela dipolelo tsa ka.> ”

Jeremia 19