Jeremia 19:10-14 BIBELE (SSO89SO)

10. “Jwale o tlo pshatle nkgo ena moo banna ba tsamayang le wena ba ntseng ba bona,

11. mme o re ho bona: <Morena wa mabotho o bua tjena: Ke tla pshatlaka setjhaba sena le motse ona jwalokaha motho a pshatlaka nkgo hoo e ke keng ya hlola e lokiswa. Ba tla epela bafu ba bona Tofete hobane ho tla be ho se na sebaka se seng seo ba ka ba epelang ho sona.

12. Sena ke tla se etsa sebakeng sena le ho baahi ba sona, ho rialo Morena. Motse ona ke tla o etsa hore o be jwaloka Tofete.

13. Matlo a Jerusalema le matlo a dikgosi tsa Juda a tla silafatswa jwaloka sebaka sa Tofete, ka baka la matlo wohle ao ba ileng ba hlwella hodima wona, ba tjhesetsa mokubetso hodima marulelo a wona, ba o tjhesetsa dinaledi, mme ba qhatsetsa medimo esele nyehelo ya dino.> ”

14. Yaba Jeremia o kgutla Tofete, moo Morena a neng a mo rometse teng ho ya porofeta. A fihla a ema lebaleng la Tempele ya Morena, a re ho setjhaba sohle:

Jeremia 19